Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Akabe a shwa, a ikela ho bo-ntatae. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.


Yaba Salomone o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida. Roboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Roboame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone. Abijame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele Josafate, mora Asa, a qala ho busa Juda, ka selemo sa bone sa Akabe, morena wa Iseraele.


Josafate a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, ntatae; mme mora hae, Jorame, ya eba morena tulong tsa hae.


Haele Akasia, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele Samaria, ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Josafate, morena wa Juda: a busa Iseraele ka lemo tse pedi.


A shwa ka polelo ya Jehova, eo Elia a e boletseng. Jorame ya eba morena tulong tsa hae, hobane Akasia a ne a se na mora, e le ka selemo sa bobedi sa Jorame, mora Josafate, morena wa Juda.


Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


Kamora tseo, Josafate, morena wa Juda, a ikopanya le Akasia, morena wa Iseraele, ya neng a phela ka bokgopo;


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ