Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:39
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a etsa terone e kgolo ya naka tsa ditlou, a e maneha ka kgauta e hlwekileng.


Hobane morena o ne a na le sehlopha sa dikepe tsa Tarshishe lewatleng, hammoho le dikepe tsa Hirame; kepe tsa Tarshishe di ne di tlisa hang ka dilemo tse tharo kgauta, le silefera, le naka tsa ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.


Haele ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tse entsweng ke yena, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele ditaba tse ding tsa Simri, le kamoo a fetohetseng Ela kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Omri, le matla ao a entseng ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Baesha, le tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.


Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tsa Shallume, le tsa ho fetoha ha hae, tsa kamoo a fetohileng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.


Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.


di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.


Ke tla rapalatsa ntlo ya mariha hodima ntlo ya lehlabula; matlo a kgabisitsweng ka manaka a tlou a tla timela, ho fediswe le matlo a mangata: ho itswalo ke Jehova.


Ba sekame hodima ditulo tse entsweng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse hodima diphate tsa bona, ba ja dikonyana tsa mohlape le manamane a fepuwang setaleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ