Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Ha letsatsi le dikela, ha phatlalatswa hara mabotho, ha thwe: “Monna ka mong a kgutlele motseng wa habo, monna ka mong a kgutlele naheng ya habo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:36
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile morena o tsoha, a ya dula kgorong, mme setjhaba sohle sa tsebiswa, ha thwe: Bonang, morena o dutse kgorong; mme setjhaba sohle sa itlisa teng pela morena. Haele Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.


Jehova o re: Se futuheleng banababo lona, bana ba Iseraele; ikgutlelleng e mong le e mong tlung ya hae, hobane taba eo ke ka nna e etsahetseng. Ba mamela lentswe la Jehova, ba kgutlela hae ka molomo wa Jehova.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.


Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.


Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.


Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, e mong le e mong a ba a balehela tenteng ya hae.


Le bona bana ba Iseraele ba tloha teng mohlang oo, ba kgutlela e mong le e mong lelokong la hae le tlung ya hae; ba tloha, e mong le e mong a tle a kgutlele lefeng la hae.


Ha ho le jwalo, Bafilesta ba lwana, mme ba hlola Baiseraele, Baiseraele ba ba ba balehela e mong le e, mong hae tenteng ya hae; le polao ya eba kgolo haholo; ha eshwa Baiseraele ba dikete tse mashome a mararo ba maoto.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ