Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Mohlang oo ntwa ya nna ya eketsa ho befa. Kgosi ya Iseraele e ntse e tadimile ka ho Baarame, ya ema e tsheheditswe ka kariking ya yona ya ntwa, mme ka phirimana ya eshwa. Madi a tswang leqebeng la kgosi a phalla, a ba a etsa letsha ka kariking ya yona ya ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:35
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo a re: Jehova o re: Erekaha o tlohetse monna eo ke neng ke mo neetse timelo, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, le setjhaba sa hao se tla ema bakeng sa setjhaba sa hae.


Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.


Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.


Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.


Empa Jehu a fula ka seqha, a hlaba Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa tla tswa pelong ya hae; mme a wela koloing ya hae.


Mme banna ba Iseraele, eitse ha ba bona hobane Abimeleke o timetse, ba ikela e mong le e mong hae ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ