Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba otla banna ba neng ba le pela monyako wa ntlo ka bofofu, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba ba ba kgathala ke ho batla monyako.


Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.


Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.


Etsa hona: O tlose e mong le e mong wa marena ana tulong tsa hae, o bee balaodi ba makgotla bakeng sa wona.


Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha, empa Josafate a meketsa.


Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Ba ne ba tshwere basadi ba teng, ba sa ka ba bolaya motho, leha e le e monyenyane, leha e le e moholo; ba ne ba ile le bona, ba itsamaetse ka tsela ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ