Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:27
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;


Yaba morena wa Iseraele o re: Tshwarang Mikea, le mo ise ho Amone, mong a motse, le ho Joase, mora morena,


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Hobane ke ja molora bakeng sa bohobe, ke tswakantse seno sa ka ka meokgo,


Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.


O se jesa bohobe ba meokgo, o ba nosa meokgo ka tekanyo e kgolo.


Morena o tla le fa bohobe matswalong a lona le metsi tsietsing ya lona; baruti ba hao ha ba sa tla ipata, empa o tla tadima baruti ba hao ka mahlo.


Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.


Jehova o o beile moprista bakeng sa moprista Jehojada, hore o nne o be mohlahlobi ka tlung ya Jehova bakeng sa motho e mong le e mong ya hlanyang, ya iketsang moporofeta, hore o tle o mo kenye metshwasong le teronkong.


Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.


Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


a eketsa tsohle tseo ka ho kenya Johanne teronkong.


Ka fela ka etsa jwalo Jerusalema, ka kwalla bahalaledi ba bangata teronkong, ka matla ao ke neng ke a neilwe ke baprista ba baholo; le mohla ba neng ba bolawa, le nna ke ne ke dumela.


ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya motse.


Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,


O se ke wa jellela Paseka le bohobe bo lomositsweng; ka matsatsi a supileng, o je mahobe a sa lomoswang, mahobe a mahlomola; kahobane o tswile naheng ya Egepeta ka potlako; o tle o hopole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ