Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 “Morena a re ho wona: ‘Jwang?’ “Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:22
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.


Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.


Jwale, ho tlile moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Jehova a re ho Satane: Bona, tseo a nang le tsona kaofela di letsohong la hao; feela o se ke wa bea letsoho la hao ho yena. Yaba Satane o tloha pela Jehova.


Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.


O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!


Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.


Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.


Dilemo tse sekete ha di fetile, Satane o tla lokollwa teronkong ya hae;


Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,


Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ