Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.
Ana o bona kamoo Akabe a ikokobetsang kateng, pela ka na? Erekaha a ikokobeditse pela ka, nke ke ka hlahisa bomadimabe tshiung tsa hae; ke tla hlahisetsa ntlo ya hae bomadimabe mehleng ya mora hae.
Eitse ha Jehova a bona hobane ba ikokobeditse, lentswe la Jehova la tlela Shemaia, la re: Ba ikokobeditse, nke ke ka ba timetsa; ke se ke tla etsa hore ba phonyohe, mme kgalefo ya ka ha e ka ke ya tshollelwa hodima Jerusalema ka Shishake;