Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba ena ya eba kgopiso, hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane.


Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame, le ka sebe seo a neng a sebisitse Baiseraele ka sona.


Ha e se e le morena, a dutse teroneng ya hae, a bolaya bohle ba ntlo ya Baesha, a se ke a siya le a mong wa ba batona, leha e le bahabo, leha e le metswalle ya hae.


A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana.


Ke tla hlakola Baesha le lesika la hae, ke etse ka ntlo ya hao, jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe.


Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.


Ke tla etsa ntlo ya Akabe jwalokaha ke entse ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ntlo ya Baesha, mora Akija.


Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ