Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.
Lenqosa le leng la tla, la mo tsebisa, la re: Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba morena. A re: Le di etse qubu tse pedi, kgorong ya motse, e be e be hosasa.
Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.
Lefeela le leng ke lena le leng teng lefatsheng, ke hobane ho na le ba lokileng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba bolotsana, mme ba bolotsana ba teng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba lokileng. Ke boletse hore le hoo ke lefeela.