Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 le bee le banna ba babedi, bara ba Beliale, mabapa le yena, ba mo qose, ba re: O nyefotse Modimo le morena. Le ntoo mo isa kantle, le mo tlepetse ka majwe, a shwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: ‘Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi!’ Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:10
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.


Mangolo ao o ne a ngodile, a re: Bolelang letsatsi la ho itima dijo, le bee Nabothe kapele ho setjhaba;


Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?


Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.


Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.


Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.


Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.


Yaba moo ba hlohlelletsang banna ba bang hore ba tle ba re: Re mo utlwile a bolela ditaba tse nyefolang Moshe le Modimo.


Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;


Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;


Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


Haele bara ba Eli, e ne e le bara ba Beliale; ba ne ba sa re letho ka Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ