Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena wa Iseraele a bitsa baholo bohle ba naha, a re: Utlwang, le tsebe hobane monna eo o rata ho hlahisa kotsi; hobane o rometse ho batla ho nna basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka; mme ha ke a ka ka mo hanela le letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:7
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hosasane, ha ho le jwalo, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba batlisise tlung ya hao le matlung a bahlanka ba hao, mme tsohle tse o kgahlang, ba tla di nka ka matsoho a bona, ba ye le tsona.


Baholo bohle le setjhaba sohle ba re ho yena: O se ke wa mo mamela, o se ke wa dumela.


A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.


Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.


Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.


Yaba Davida o etsa morero le balaodi ba dikete le ba makgolo, e le mahosana wohle a setjhaba.


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


O emola maswabi, o tswala bokgopo; sefubeng sa hae ho sebetswa boithetso.


ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla.


O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.


Le tla phehella ho isa kae ho rusolla motho, ha le tla mo dikanela kaofela, jwalokaha ho dikanelwa lerako le sekameng le motero o heletswang?


Bonang, e mobe o na be a emotse bobe feela, a bo emere sefubeng, mme o tswetse thetso.


Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.


Ya qophellang botle o tla fumana mohau, empa ya batlang bobe, bobe bo tla mo tshwara.


hobane pelo tsa bona di rera tshenyeho, melomo ya bona e bolela bobe.


Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;


Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ