Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba rwala dithapo hloohong, ba tla ho morena wa Iseraele, ba re: Mohlanka wa hao, Ben-Hadade, o re: O ntlohele ke phele. Akabe a re: Na o sa phela na? Ke ngwaneso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re: ‘Ke a o rapela: O se ke wa mpolaya!’ ” Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:32
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba bahlanka ba hae ba re ho yena: Re utlwile ha ho thwe: Marena a ntlo ya Iseraele ke marena a mosa; a re itlameng matheka ka masela a mahwashe, re rwale dithapo hloohong, re ye ho morena wa Iseraele; ekaba o tla o tlohela o phele.


Banna bao ba lekanya eka ke taba e molemo; ba phakisa ba nka polelo eo ya hae, ba re: Ben-Hadade ke ngwaneno. A re: Eyang, le mo late. Ben-Hadade a tswela ho yena; mme Akabe a re: a kene koloing ya hae.


Eo a re: Jehova o re: Erekaha o tlohetse monna eo ke neng ke mo neetse timelo, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, le setjhaba sa hao se tla ema bakeng sa setjhaba sa hae.


Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ