Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:29
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Basiria ba baleha pela Baiseraele, mme Davida a timetsa makgolo a supileng a makoloi, le bapalami ba kete tse mashome a mane; a bolaya le Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, a shwela hona teng.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.


a re: Bula sefensetere se lebileng botjhabatsatsi. A se bula. Elisha a re: Phosa. A phosa. Elisha a re: Ke motsu oo Jehova a o lopollang ka wona, ke motsu oo namolelang ho Basiria; hobane a tla hlola Basiria Afeke, o be o ba qete.


Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Jehova ke Morena wa kamehla, ya sa feleng. Baditjhaba ba fediswa lefatsheng la hae.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le eso ho tjhabe, ba potoloha motse hasupa ka mokgwa oo. Ka tsatsi leo, ba potoloha motse hasupa.


Haele Mofilesta, o ne a ntse a atamela hosasa le mantsiboya; a itlhahisa jwalo ka matsatsi a mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ