Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:28
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.


Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Nkutlwe, Jehova, o nkutlwe, hore setjhaba sena se tle se tsebe hobane ke wena, Jehova, o leng Modimo, le hobane o boetse o kgutlisitse dipelo tsa bona.


Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.


Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.


Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ke mpa ke sa etse ka baka la lona, ho rialo Morena Jehova; sena se ke se tsejwe ke lona; hlajwang ke dihlong, le swabe ke mekgwa ya lona, ntlo ya Iseraele!


Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.


Ke tla ba otlollela letsoho la ka, ke etse lefatshe la bona lefeella le lebe ho feta lefeella la Dibla, hohle moo ba ahileng teng. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ha le a ka la ja bohobe, ha le a ka la nwa veine, leha e le tse bodila, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


hoja ke sa ka ka tshaba phephetso ya dira, le hore bao e leng dira ho bona ba ka fosa ditaba, ba re: Matsoho a rona a phahame, ntho tseo kaofela hase Jehova ya di entseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ