Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane le bona ba iketsetsa nqalo tse diphahameng le ditshwantsho le diashera, maralleng wohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse tala.


Etsa hona: O tlose e mong le e mong wa marena ana tulong tsa hae, o bee balaodi ba makgotla bakeng sa wona.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Yaba bahlanka ba hae ba re ho yena: Re utlwile ha ho thwe: Marena a ntlo ya Iseraele ke marena a mosa; a re itlameng matheka ka masela a mahwashe, re rwale dithapo hloohong, re ye ho morena wa Iseraele; ekaba o tla o tlohela o phele.


Na o re, medimo ya ditjhaba e di namoletse, tseo bontate ba di fedisitseng, bo-Gosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene, ba leng Telasare na?


Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?


Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ