Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Jwale, a bala bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha, ya eba batho ba makgolo a mabedi a mashome a mararo a metso e mmedi, a bala le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ya eba batho ba kete tse supileng.


Bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha ba tswa, ba eba sehloohong. Ben-Hadade a romela; a tsebiswa, ha thwe: Ho tsoile batho Samaria.


Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.


Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.


Ho madimabe ba matla ho nwa veine, ba dinatla ho lomosa jwala;


Leha ho ka rerwa bobe bakeng sa hao, e ke ke ya eba ka nna; e mong le e mong ya tlang ho rera bobe bakeng sa hao, o tla dihuwa ke wena.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Ka baka leo, jwale, ba tla ya kgolehong, ba beilwe kapele ho bohle ba iswang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ