Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: ‘Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Joabe a ntoo atamela le batho bao a nang le bona ho ya lwantsha Basiria, mme ba baleha pela hae.


Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Akabe a re: E tla ba ka mang? Eo a re: Jehova o itse: E tla ba ka bahlankana ba babusisi ba dikarolo tsa naha. Akabe a re: Ke mang ya tla qala ho lwana? A re: Ke wena.


Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.


Elisha a re: Utlwang lentswe la Jehova: Jehova o re: Hosasane, ha ho le jwale, tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shelele e le nngwe, mme tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shelele e le nngwe, kgorong ya Samaria.


A re: Mamelang, lona, Bajuda bohle, le lona, baahi ba Jerusalema, le wena, morena Josafate! Ho itswe ke Jehova: Se tshabeng, mme le se ke la tepeletswa ke sera se seholohadi seno, hobane ntwa hase ya lona, ke ya Modimo.


Le ke ke la tshwanela ho lwana ntweng ena; le mpe le hlahe, mme le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ya Jehova ya nang le lona. Oho, lona Bajuda, le ba Jerusalema, se tshabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tswele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lona.


Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke tlotlehile ka Faro, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.


Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ