Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 hobane mohla o tlohang, o tshela molapo wa Kedrone, o tle o tsebe hobane o tla shwela ruri; mme madi a hao a tla ba hloohong ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:37
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.


Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.


Morena a re ho yena: Etsa kamoo a boletseng kateng, o mmolaye, o mo epele; etlaba o tlositse ho nna le tlung ya ntate madi a se nang molato a tsholotsweng ke Joabe.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Shimei a re ho morena: O boletse hantle; mohlanka wa hao o tla etsa kamoo morena, monga ka, a boletseng kateng. Mme Shemei a dula matsatsi a mangata Jerusalema.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.


Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ