Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Morena Salomone a tsebiswa, ha thwe: Joabe o tshabetse tenteng ya Jehova; ke eo, o aletareng. Salomone a roma Benaia mora Jehojada, a re ho yena:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Kgosi Solomone a tsebiswa, ha thwe: “Joabe o balehetse ka Tenteng ya Morena, ke yane o eme haufi le aletare.” Yaba Solomone o roma Benaya, mora wa Jehoyada, o re: “Tsamaya, o yo mmolaya!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:29
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.


Yaba morena Salomone o roma Benaia, mora Jehojada; eo a mmolaya, mme a shwa.


Eya, o mmolaye. Benaia a kena tabernakeleng ya Jehova, a re ho Joabe: Ho itswe ke morena: O tswele ntle. Joabe a re: Tjhe, ke tla mpe ke shwele mona. Benaia a ya tsebisa morena, a re: Joabe o buile jwalo, o arabile ka hore le ka hore.


Morena a re ho yena: Etsa kamoo a boletseng kateng, o mmolaye, o mo epele; etlaba o tlositse ho nna le tlung ya ntate madi a se nang molato a tsholotsweng ke Joabe.


Yaba morena o laela Benaia, mora Jehojada; a ya, a bolaya Shimei, a shwa.


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ