Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:28
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.


Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.


Adonija a tshaba Salomone; a tloha, a ya tshwara dinaka tsa aletare.


Adonija a rera le Joabe mora Tseruja, le Abiathare moprista, ba tlatsa Adonija, ba mo latela.


Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.


Dintlheng tse nne tsa aletare o tle o etse dinaka; naka tseo di tswe ho yona, mme o tle o e manehe ka koporo.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ