Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Adonija a re: O a tseba hoba mmuso e be e le wa ka, le hobane Baiseraele bohle ba ne ba ntadimile hore ke buse; empa mmuso o fetohile, o abetswe ngwaneso, kahobane e bile wa hae ka taelo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ntoo tshedisa Bathe-Sheba, mosadi wa hae, a ya ho yena, a robala le yena; a boela a tswala moshemane, mme Davida a mo rea lebitso la Salomone. A ratwa ke Jehova,


Yaba e mong o tla, a behela Davida, a re: Pelo tsa Baiseraele di sokolohetse ho Absalome.


Absalome a nna a etsa jwalo ho Baiseraele bohle ba tlang ho morena kahlolong; kahoo, Absalome a utswa dipelo tsa Baiseraele bohle.


Hushai a re ho Absalome: Tjhe; eo e leng ya kgethilweng ke Jehova, le ke setjhaba sena, le ke Baiseraele bohle, ke yena eo ke tla ba wa hae, ke dule ho yena.


wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;


oa bone ke Adonija, mora Haggithe; wa bohlano ke Shefathia, mora Abithale;


Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!


Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone.


Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Yaba Adonija, mora Haggithe, o ikgohomosa, a re: E tla ba nna morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pela hae.


A eketsa a re: Ke tlile ho wena ka taba. Bathe-Sheba a re: Bua.


Jale, ke tla qela ntho e le nngwe ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Bathe-Sheba a re ho yena: E bolele.


Morena Salomone a araba mmae, a re: O qellelang Adonija Abishage wa Shuneme? Ha o mo qelle mmuso keng, hobane ke moholwane wa ka? O qelle yena le moprista Abiathare, le Joabe mora Tseruja!


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ