Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Arauna a re ho Davida: Morena, monga ka, a nke feela, mme a hlahisetse Jehova kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, pholo ke tsena tsa setjheso; hape, mesebetsi ya ho pola le mesebetsi e meng ya dipholo e ka etsa patsi.


A re ho mohlanka wa hae: Ako nyolohe, o tadime ka nqa lewatleng. A nyoloha, a tadima, a re: Ha ho letho. Elia a re: Boella hasupa.


Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.


Moshe a tloha a ena le Joshua ya mo sebeletsang; Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.


Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.


Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;


Koloi ya fihla tshimong ya Joshua, motho wa Bethe-Shemeshe, ya ema teng, moo lefika le leholo le leng teng. Ebile ba ratha difate tsa koloi, ba etsetsa Jehova setjheso ka dikgomo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ