Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.


Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.


Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse eng mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele.


A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!


Faro a re ho yena: Tloha ho nna, o itemohele, o se ke wa hlola o bona sefahleho sa ka, hobane ka tsatsi leo o bonang sefahleho sa ka ka lona, o tla shwa.


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Morena Jojakime le matona wohle a hae le baholo kaofela, ha ba utlwa dipolelo tsa hae, morena a batla ho mmolaya; empa Uria a utlwa, a tshaba, a baleha, a ya Egepeta.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ