Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:40
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia o re ho Akabe: Nyoloha, o je, o nwe, hobane ho utlwahala modumo wa pula e kgolo.


Yaba Akabe o phetela Jesebele tsohle tse entsweng ke Elia, le tsohle tsa kamoo a bolaileng baporofeta bohle ba Baale kateng, ka lerumo.


Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.


Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena, ka tsela ya monyako wa dipere, mme ba mmolaela hona teng.


Setjhaba sohle sa kena ka tlung ya Baale, sa e heletsa; ba robaka le dialetare tsa yona le ditshwantsho tsa yona dikoto, mme ba bolaya Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare.


Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


Ke tla hulela ho wena, molapong wa Kishone, Sisera, molaodi wa makgotla a Jabine, le makoloi a hae, le setjhaba sa hae, mme ke tla ba neela matsohong a hao.


Molapo wa Kishone, molapo wa kgale, molapo wa Kishone o ba nkile! Oho, moya wa ka, hatakela dinatla ka maoto!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ