Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:38
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.


Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.


Mme metsi a pota aletare, le moedi wa tlala metsi.


Nkutlwe, Jehova, o nkutlwe, hore setjhaba sena se tle se tsebe hobane ke wena, Jehova, o leng Modimo, le hobane o boetse o kgutlisitse dipelo tsa bona.


Elia a ba fetola, a re: Ha ke le monna wa Modimo, mollo ha o theohe lehodimong, o o bolaye wena le ba hao ba mashome a mahlano. Yaba mollo wa Modimo o theoha lehodimong, wa mmolaya le ba hae ba mashome a mahlano.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, mme a hlahisa mahlabelo a ditjheso le a teboho teng; a rapela Jehova, mme a mo arabela ka ho theolela mollo aletareng ya ditjheso, o etswa lehodimong.


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


Motho eo a re a sa bua, ha tla e mong, a re: Mollo wa Modimo o wele lehodimong, o tjhesitse dinku le badisa, mme o ba qetile; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Lefika la hae le tla baleha ke ho tshoha, mahosana a hae a balehele hole ke ho tshaba folaga ya Jehova; ho bolela Jehova eo mollo wa hae o leng Sione, le sebopi sa hae se leng Jerusalema.


Nadabe le Abihu, bara ba Aarone, ba nka e mong le e mong pitsana ya ho tjhesa dibano, ba okga mollo ka tsona, ba ntoo di tshela ka dibano, mme ba hlahisa pela Jehova mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.


Yaba mollo o tswa pela Jehova, wa ba tjhesa; mme ba eshwa pela Jehova.


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


Hape, sa etsa mehlolo e moholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho.


Lengeloi la Jehova la isa ntlha ya lere le letsohong la lona, la ama nama le dinkgwana tse se nang ditomoso; ha tswa mollo lefikeng, mme wa tjhesa nama le dinkgwana tse se nang ditosomo; lengeloi la Jehova la ntoo tloha ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ