Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele).


Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.


Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;


kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Mohlang oo, ho bolela Jehova, ke tla ba Modimo wa meloko yohle ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka.


Morena Jehova o re: Ke ena meedi ya lefatshe leo e tla ba lefa la lona, la meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. Josefa o tla newa karolo tse pedi.


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Majwe a leshome le metso e mmedi ao ba neng ba a nkile Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.


O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ