Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.


Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.


Bona, ha a otsele, ha a robale, molebedi wa Iseraele.


pelo ya ka e ne e tjhesa sefubeng sa ka, mehopolo ya ka e ne e tukisa mollo, yaba leleme la ka le bua, la re:


Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Re tsebiseng tse tlang ho tla, re tle re lemohe hobane le medimo; etsang ntho e ntle, kapa e mpe, re tle re makale hammoho, mme re bone.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.


A tla la boraro, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe! Ho a lekana; hora e tlile. Bonang, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.


A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ