Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:21
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.


Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.


Ebile Akabe o romela ho bana bohle ba Iseraele, a bokella le baporofeta thabeng ya Karmele.


Setjhaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka difahleho, sa re: Jehova ke Modimo! Jehova ke Modimo!


Haele ditjhaba tseo, tsa tshaba Jehova jwalo, tsa mpa tsa sebeletsa le ditshwantsho tsa bona; le bana ba bona le ditloholo tsa bona ba ntse ba etsa le kajeno jwalokaha ho nnile ha etsa bontata bona.


Mme jwale Jehova, ke wena Modimo; o boletse taba e molemo bakeng sa mohlanka wa hao.


A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


SAMEK. Ke hloile mehopolo e dikadikang, empa ke rata molao wa hao.


Pelo tsa bona di mano; jwale, ba tla kgalemelwa. Modimo o tla qhebolla dialetare tsa bona, o fedise ditshwantsho tsa bona.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.


Bafarisi, ha ba utlwa hobane o kgutsisitse basadusi, ba phutheha hammoho.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ