Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.
Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.
Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.
Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.