Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:12
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, o bolela, o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


Hobane wena, Morena, o tshepo ya ka; esale le botjheng ba ka, ke beile tshepo ya ka ho wena, Jehova.


Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;


Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Yaba moya o a nkuka, wa nkgutlisetsa Kalde ho ba isitsweng teng kgolehong, ka pono ya mohlolo, ka moya wa Modimo. Mme pono ya mohlolo eo ke neng ke e bone, ya tloha ho nna, ya nyolohela hodimo.


Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng, ho lekwa ke Diabolose.


Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Heroda, eitse hobane a mmatlisise, mme a se mo fumane, a ahlola bahlabani, a laela hore ba ye ho bolawa. A ntoo tloha Judea, a theohela Sesarea, mme a ahella teng.


Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a hola, a ntse a kgahlisa Jehova le batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ