Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


A ya, a etsa ka polelo ya Elia. Elia, le mosadi, le ntlo ya hae, ba eja ka matsatsi.


Ha isaisa, molatswana wa epsha, kahobane pula e be e sa ne lefatsheng.


Elia a ya itlhahisa ho Akabe. Mme tlala e ne e le kgolo Samaria.


o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Ha o phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a wona.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.


ke tla le fa dipula ka nako ya tsona; lefatshe le tla hlahisa dijo tsa lona, mme difate tsa naha di tla beha ditholwana tsa tsona.


Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;


Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;


Jehova o tla o bulela letlotlo la hae le molemo la mahodimo, a nesetse lefatshe la hao pula nakong ya teng, a hlohonolofatse mesebetsi yohle ya matsoho a hao; o tla namelwa ke ditjhaba tse ngata, empa wena ha o ka ke wa nama.


Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng.


Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ