Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 17:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 17:23
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.


Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.


Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.


Yare ha a sa theoha, a kgahlanyetswa ke ba hlanka ba hae, ba mo tsebisa, ba re: Mora wa hao o pholohile.


Petrose a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, mme eitse hobane a bitse bahalaledi le bahlolohadi, a ba nea yena a boetse a phela.


Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ