Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 17:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, ho ya kang, ha o hlahiseditse mosadi enwa wa mohlolohadi, eo ke dulang ha hae, kotsi, ka ho bolaya mora hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 17:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Seo a neng a se etsa, sa eba sebe mahlong a Jehova, mme a mmolaya le yena.


Ere, mora wa letsibolo wa Juda, e ne e le motho e mobe mahlong a Jehova, mme Jehova a mmolaya.


Elia a re ho yena: Nnee mora hao. Elia a mo nka sefubeng sa hae, a mo isa phaposing e kahodimo, moo a dulang teng, a mo robatsa diphateng tsa hae.


Ebile o paqama hodima ngwana hararo, a howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, moya wa ngwana a o ke o boele ka ho yena!


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Ekaba Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe wohle a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Ebile moporofeta Esaia o bitsa ho Jehova, mme a kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o neng o tsamaya teng.


A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.


Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.


Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa!


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Empa mofuta oo wa batemona ha o tswe, haese ka thapelo le ka ho itima dijo.


Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ