Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba Elia o re ho mosadi eo: “O se ke wa tshaba; tsamaya o yo etsa kamoo o boletseng kateng, empa pele ho tsohle, nketsetse moqathane, o o tlise kwano, ebe jwale o etsetsa wena le moshanyana wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 17:13
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Phofo e ka pitseng ha e ka ke ya fela, le ole e ka sehong ha e ka ke ya fela, ho be ho fihle letsatsi leo Jehova a tla nesa pula lefatsheng.


Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.


Le ke ke la tshwanela ho lwana ntweng ena; le mpe le hlahe, mme le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ya Jehova ya nang le lona. Oho, lona Bajuda, le ba Jerusalema, se tshabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tswele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lona.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a lekwang, a hlahisa Isaaka; ya neng a neilwe dipallo, o hlahisitse mora ya mong ho yena;


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ