Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:9
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?


Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,


Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.


ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.


Simri a kena, a mo hlaba, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda; yaba o busa tulong tsa hae.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng sa Asa, morena wa Juda, Ela, mora Baesha, a qala ho busa Iseraele a le Thirtsa, a busa ka dilemo tse pedi.


Akabe a bitsa Obadia, molebedi wa ntlo ya borena; haele Obadia, o ne a tshaba Jehova haholo.


Ben-Hadade ha a utlwa lentswe leo, a le ditenteng, a enwa le marena, a re ho bahlanka ba hae: Itokiseng. Mme ba itokisetsa ho lwantsha motse.


Ba tswa motseng motshehare o moholo. Ben-Hadade o ne a ntse a enwa, a tahwa ditenteng, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi a mo tlatsitseng.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.


Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang;


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ