Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashtarothe, mme Akabe a etsa tse halefisang Jehova, Modimo wa Iseraele, ho fetisa marena wohle a Iseraele a bileng pele ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:33
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.


Omri a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa hampe le ho fetisa bohle ba neng ba bile pele ho yena.


Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.


Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;


A tjhesa le bara ba hae ka mollo kgohlong ya bana ba Hinnome, mme a etsa bonohe, le bolao, le boloi, a bea ba bitsang bafu, le dinohe; a nna a etsa tsohle tse mpe mahlong a Jehova, ho mo halefisa ka tsona.


Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ