Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi sa Asa, morena wa Juda, Akabe, mora Omri, a qala ho busa Iseraele. Akabe, mora Omri, a busa Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a le Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibni, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.


Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa, morena wa Juda, Omri a qala ho busa Iseraele; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi; a busa ka tse tsheletseng a le Thirtsa.


A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.


Omri a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme mora hae Akabe ya eba morena tulong tsa hae.


Akabe, mora Omri, a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova le ho fetisa bohle ba bileng pele ho yena.


Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashtarothe, mme Akabe a etsa tse halefisang Jehova, Modimo wa Iseraele, ho fetisa marena wohle a Iseraele a bileng pele ho yena.


Raoha o ye ho kgahlana le Akabe, morena wa Iseraele, Samaria; ke eo tshimong ya merara ya Nabothe: O theohetse teng ho e nka.


Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.


ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ