Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E ne e le ka baka la dibe tsohle tsa Baesha, le tsa mora hae Ela, tseo ba sitilweng ka tsona, ba ba ba sebisa le Baiseraele, ba halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka diketso tsa bona tsa bosawana.


A shwa ka baka la dibe tseo a sitilweng ka tsona, kamoo a kileng a etsa ho leng hobe kateng, mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame le ka sebe seo a sitilweng ka sona, a ba a sebisa le Baiseraele.


Erekaha ke o phahamisitse, ka o ntsha leroleng, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele, mme o ile ka mehlala ya Jeroboame, wa sebisa setjhaba sa ka sa Iseraele, ke tle ke halefiswe ke dibe tsa bona.


Haele taba tse ding tsa Omri, le matla ao a entseng ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.


Ke hloile barapedi ba medimo ya lefeela; empa ke beile tshepo ya ka ho Jehova!


Hobane mekgwa ya ditjhaba ke bosawana, hobane ho ye ho rengwe sefate morung, se be se sebetswe ke matsoho a mmetli ka selepe.


Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;


Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ