Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:24
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova.


A etsetsa Baale aletare, tlung ya Baale eo a e hahileng Samaria.


Elia a ya itlhahisa ho Akabe. Mme tlala e ne e le kgolo Samaria.


Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.


Akabe o ba a siile bara ba mashome a supileng Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho ba lekgotla la Jisreele, ho baholo, le ho bahodisi ba bara ba Akabe, a re:


Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa Akase, morena wa Juda, Osea, mora Ela, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse robileng mono o le mong.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


Ho madimabe lona ba iketlileng Sione, le lona ba tshepileng thaba ya Samaria, lona dihlooho tsa setjhaba se kapele ho tse ding, lona bao ba ntlo ya Iseraele ba ikisang ho lona.


Hona hohle ho tla estahala ka baka la bokwenehi ba Jakobo, le ka baka la dibe tsa ntlo ya Iseraele. Bokwenehi ba Jakobo keng? Na hase Samaria? Le nqalo tse diphahameng tsa Juda ke dife? Na hase Jerusalema?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ