Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibni, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Nadabe, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele ka selemo sa bobedi sa Asa, morena wa Juda; a busa Iseraele ka dilemo tse pedi.


Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.


Haele ditaba tse ding tsa Simri, le kamoo a fetohetseng Ela kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Empa ba latetseng Omri ba hlola ba latetseng Thibni, mora Ginathe; yaba Thibni o a shwa, mme Omri ya eba morena.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi sa Asa, morena wa Juda, Akabe, mora Omri, a qala ho busa Iseraele. Akabe, mora Omri, a busa Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a le Samaria.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng sa Asa, morena wa Juda, Ela, mora Baesha, a qala ho busa Iseraele a le Thirtsa, a busa ka dilemo tse pedi.


Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ