Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 E ne e le ka baka la dibe tsohle tsa Baesha, le tsa mora hae Ela, tseo ba sitilweng ka tsona, ba ba ba sebisa le Baiseraele, ba halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka diketso tsa bona tsa bosawana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.


E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana.


Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.


Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.


Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!


Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


Le se ke la kgeloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, hobane e le mafeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ