Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha e se e le morena, a dutse teroneng ya hae, a bolaya bohle ba ntlo ya Baesha, a se ke a siya le a mong wa ba batona, leha e le bahabo, leha e le metswalle ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Hanghang ha Simeri a qala ho dula teroneng ya hae, a busa, a bolaya bohle ba lelapa la Basha, a se ke a siya le ya mong wa ba batona, esitana le bang ka yena, kapa bao e leng metswalle ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:11
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka la tseo, bona, ke tla hlahisetsa ntlo ya Jeroboame kotsi, ke timetse ha Jeroboame ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng, ke fiele ntlo ya Jeroboame, jwalokaha ho fielwa ditshila, di be di fele.


Ha e se e le morena, a bolaya ba ntlo yohle ya Jeroboame, a se ke a siya le a mong ya phelang ha Jeroboame, a ba a ba qeta, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka mohlanka wa hae Akija wa Silo.


Simri a kena, a mo hlaba, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda; yaba o busa tulong tsa hae.


Ke tla hlakola Baesha le lesika la hae, ke etse ka ntlo ya hao, jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe.


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Ke tla etsa ntlo ya Akabe jwalokaha ke entse ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ntlo ya Baesha, mora Akija.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Modimo o etse dira tsa Davida ka hore le ka hore, ha nka siya letho leha le le leng la hae, kapa monna, ha bo esa.


Efela, ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o etsa hampe, hojane o sa ka wa phakisa, wa tla nkgahlanyetsa, Nabale o ba a sa tlo tlolelwa ke monna le a mong ha bo esa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ