Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ka haraswanya mmuso tlung ya Davida, ka o nea wona; leha ho le jwalo ha o a ka wa etsa jwaloka mohlanka wa ka Davida, ya bolokileng melao ya ka, ya ntatetseng ka pelo ya hae yohle, ho etsa tse lokileng feela mahlong a ka;


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.


Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a tsamaya ka mehlala ya Davida ntatae, mme ha a ka a e kgeloha ho ya leha e le ka ho le letona, leha e le ka ho le letshehadi.


Ha ke fapohe ditaelo tsa hao, kahobane ke wena ya nthutang.


ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.


Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


Pelo ya hae e tle e se ke ya ikgohomosetsa banababo, mme a se ke a kgeloha molao ona ho ya ka letsohong le letona, kapa ho le letshehadi, a tle a ngatafatse matsatsi a hae a puso ya hae, e le yena le bana ba hae, hara setjhaba sa Iseraele.


O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ