Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Jehova o tla ipatlela morena e mong wa Iseraele, ya tla timetsa ntlo ya Jeroboame mohlang oo; ha ke sa re: hona jwale, ke ha ke tshabisang?


Baesha a mmolaya ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, mme a busa tulong tsa hae.


Simri a kena, a mo hlaba, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda; yaba o busa tulong tsa hae.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Asa, morena wa Juda, Simri a qala ho busa, a busa tshiu tse supileng Thirtsa. Ke ha setjhaba se ne se lwantsha Gibbethone wa Bafilesta.


Setjhaba se lwantshang Gibbethone, eitse ha se utlwa ho thwe: Simri o fetohetse morena, o mmolaile tsatsing lona leo, Baiseraele bohle ba diahelong ba bea Omri, molaodi wa makgotla, e be morena wa Iseraele.


Yaba Omri o tloha Gibbethone, a ena le Baiseraele bohle, ba ya thibella Thirtsa.


Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Jehu, mora Josafate, mora Nimshi, a fetohela Jorame jwalo. Yena o ba a ile le Baiseraele bohle ho sireletsa Ramothe-Gileade, ka baka la Hasaele, morena wa Siria.


Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.


Lelokong la Dane, ke Eltheke le meraka ya wona, le Gibbethone le meraka ya wona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ