Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba morena Asa o mema Bajuda bohle, ho se ke ha siuwa le a mong; ba ya, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona; morena Asa a haha Geba wa Benjamine le Mitspe ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda; a haha Rama, hore ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.


A lata le baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dinqalo tse diphahameng, moo baprista ba neng ba tjhesa dibano, ho qala Geba, ho ya fihla Beerseba; a diha le dinqalo tse diphahameng tse dikgorong, e nngwe e le pela monyako wa Joshua, modisa wa motse, e nngwe e le ka ho le letshehadi la motho ha a kena ka monyako wa motse.


Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Kefar-Ammonai, Ofni, le Geba: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona.


Lelokong la Benjamine, ke Gibeone le meraka ya wona, le Geba le meraka ya wona;


Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ