Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba morena o mema ba Gibeone, a bua le bona. Ba Gibeone e be e se ba bana ba Iseraele, e ne e le ba setseng ba Baamore; Baiseraele ba ne ba ba hlapanyeditse pholoho, Saule a mpa a rata ho ba bolaya, ka ho tjhesehela bana ba Iseraele le Juda.


Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.


Esekiase a mo nea silefera yohle e fumanweng tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya morena.


Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao. Bona, ke o romela silefera le kgauta; tloo, o kgaole selekane sa hao le Baesha, morena wa Iseraele, a tle a ntlohele.


Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Ba thotofetse, ha ba na molomo o tshepehang, ha ba na lerato la hlaho, ba na le bohale bo sa tapeng, ha ba na ho utlwela ba bang bohloko.


Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ