Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Asa o nka silefera yohle le kgauta tse setseng polokelong ya ntlo ya Jehova le polokelong ya ntlo ya morena, a di bea matsohong a bahlanka ba hae. Morena Asa a di romela ka bona ho Ben-Hadade, mora Tabrimmone, mora Hesione, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.


Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?


A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Hape, a tlisa ka tlung ya Jehova tse kgethetsweng Modimo ke ntatae le yena, silefera le kgauta le dipitsa.


Mohlomong Hasaele, morena wa Siria, a futuha, a tla lwantsha Gathe, a o nka. Hasaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.


Ebile Joase, morena wa Juda, o nka tsohle tse kgethetsweng Jehova ke Josafate le Jorame le Akasia, bontatae, marena a Juda, le tse kgethilweng ke yena, le kgauta yohle a fumanweng polokelong ya ntlo ya Jehova le ho ya ntlo ya morena, a di romela ho Hasaele, morena wa Siria; yaba o tlohela ho ya Jerusalema.


Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


A tlisa ka tlung ya Modimo dintho tseo ntatae a neng a di kgethetse Jehova, le tseo a neng a di kgethile e le yena, e le silefera, le kgauta, le dipitsa.


Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.


ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ