Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 15:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 15:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.


Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng.


empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka tsohle tse entsweng ke ntatae Amatsia.


A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova, le ka tsohle tse entsweng ke Davida ntatae.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


Abija a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida, mme tulong tsa hae ha busa Asa, mora wa hae. Mehleng ya hae, ntwa ya lala lefatsheng ka dilemo tse leshome.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.


Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


A nna a tsamaya ka mehlala ya Asa ntatae, a se ke a e kgeloha, a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ