Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jeroboame a re ho mosadi wa hae: Tloha, o ikgakanye, ho tle ho se ke ha tsejwa hobane o mosadi wa Jeroboame; o ye Silo; bona, moporofeta Akija o hona teng; ke yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba morena wa setjhaba sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 14:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;


Mosadi wa Jeroboame a etsa jwalo; a tloha, a ya Silo, a fihla ho Akija; athe Akija o ne a sa bone, kahobane mahlo a hae a ne a pompetse ke boqheku.


Moporofeta a ntoo ya lebella morena tseleng, a ikentse osele ka ho itlama ka lesela mahlong.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Ebile morena wa Iseraele o ikgakanya, a ya ntweng.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.


Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ